Lehae la ka nna Fezekile Futhwa

Ke hoa Madume

Bana ba Thesele

Ke mathile lefatshe lena lohle ke batlana le kgwetsa ba e bolelang. Ke qadile ntswana tsatsi qalehong ya bophelo. Ka leba borwa, kgutlwaneng sa barwa. Ka tloha ka leba leboya, bokone Matebeleng. Ka qetella ke le bophirima mme ke phirimelletswe e le ruri.

Ke batlile, ke qamakile, ka botsisa; empa bohle ba nqhalla matsoho. Ka hlollwa mme ka nka kano ya hore ka le leng la matsatsi, Mosotho le nalane ya hae ba tla rena. Diqatjwa ha mmoho le dingolwa tsa Sesotho di ya re fella, mme Basotho ba eme matlotlosiya ba bohile ha ngwale e kgiba. Botjhaba le bonono ba rona di thunthetswa mme di hatikelwa ke baditjhaba. Na rona Basotho re tla nka moqhaka neng mme re sireletse Sesotho le makgabane a sona?

Morao tjena ho thata ke re le ho fumana Sesotho se hlwekileng feela! Basotho ba kgowafetse mme ba boulella sekgowa ho feta lefa la bona. Basotho ba bangata ha ba sa tseba ho bua Sesotho se tsepameng ntle le ho tswaka puo tse ding hare. Ha ke sa bua ka ho ngola Sesotho! Ke re le bana ba rona sekolong ba rutwa Sesotho sa LG. Ke qala ho bona ngwana Mosotho a rutwa puo ya hae e le LG. Tsebo ya Sesotho ha e sa hlokohala hore ngwana a phomelle sekolong.

Ke re le ditshebeletso tse ahetsweng ho boloka le ho ntshetsa Sesotho pele di re phoqile. Ke bua ka bo SABC 2, Lesedi FM, le thuto dikolong.

Tsena tsohle di supa tlokotsi ya ntho tse latelang: