Mantilatilane
Ke tswa ha Mantilatilane.
Ka ja bohobe.
Ka metsi a pula.
Ke thelle jwang nna ke le Letebele tloholo sa Makwayi, Tshawe, Khawuta; lona leHlubi ka sebele. Ke motjhana Bataung ba ha Thulo, bata di maro dilo ke marena bo rare. Mora Zenzile le Nofine, mohlabani wa Qhotseng. Hae teng ntwa o e lata letailane monna batho. O bata ntshonyana le sa tshelweng ke nta. Qeba la Qhotsa lena ke lepetla, le dula le dutla madi le qhafutsa boladu. Ke moo ho tsamaileng e na ntjhanyana. Ncwe, nkgopise o bone, nka o fa mmao. Ke nna kgaitsedi ya Nozililo le yena Pinki. Thope tse pedi qo hara bashemane ba tletse ntlo. Rona bahlabani ba lapa leso, makankanyane. Ntho di bela madi a llela ntwa. Ntweng teng dithena di ipaka bokgabane. Di kopanya thebe le lerumo sa sona sebata sebele. Ba qetelle ba ikgantsha ka bokgabane ba lebetlela, lona leo ba le nonosang hore ya boi mmae a tjhetjhe. Ke re motho tlola, nna ke Letebele la ha Hlubi. Haeso makwala a ya bolawa mme ho phela bomampudi ke pheto! Nna ke mpudi ntweng ya kelello, mmenthele. Ke ja masapo a hlooho lolololo. Ka ha haeso kwana ke dingaka tsa popota. Bona bonkgenkge sebele, dikwakwariri ntho tsa ho tanola baloi motsheare tsatsi le emme. Haeso maqai ha a yo, maqai a ya nkga a nkga phu! A nkga podile nkgwana letsuka la bashemane. Ke re nna ke kgaotse moetlo lapeng leso, tjhabeng sa haeso. Ke kgabile ka bona boshemane ba setho seholo, ka ha kakapa e na e tla dula e le leqai la moshwelella. Maqai le ona ke batho hleng. Nna ke ngwana badimo le ntlohele, Bitso la ka le re ho phethehile mme thato ke ya bona. Kgeleke bona ke bo tswaletswe. Ke bua dikakata leleme le lokolohile. Ke morangrang wa boya sekwele moshemane. Leleme le rareane le peteketsa puo yaseXhosa. Maqhotsa maqitolo, bona bo tlhale ntlhajana. Ke qetelle ke etsa kodi ya malla e le ha ke etsa thapelo. Ke hlaba moolo tjhabeng sena sa Rantsho. Ke re Pikoko e kgaba ka masiba, wena na o kgaba ka eng? Nna ke kgaba ka bokgalala ba ka. Neo le tsebo ya Sesotho lefa letlotlo. Tseo ke di tsenkollang ke di tsenkollela wena. Mahamotsa dijo tsa marena. Ke fala sa bohoho bo hakonositswe lapeng la nkgono. Sa mofutswela Lehwetla mohla tjhai e leng ntle tle. Mosotho boya sekwele nako e sa le teng.
Ya kgaola ya ya.